Jwale ka omanya babusi, ka re ho bona: “Ke ka lebaka lang le furaletseng Tempele ya Modimo?” Yaba ke a ba bokella, mme ka kgutlisetsa e mong le e mong ditulong tsa hae.
Bana ba Iseraele le bana ba Balevi ba fele ba tlise kabelo e kgethehileng ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, dikamoreng, moo mesebetsi ya sehalalelo e leng teng, le moo ho dulang baprista ba etsang tshebeletso le balebedi ba menyako le dibini. Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona.
Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!