Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Bana ba Iseraele le bana ba Balevi ba fele ba tlise kabelo e kgethehileng ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, dikamoreng, moo mesebetsi ya sehalalelo e leng teng, le moo ho dulang baprista ba etsang tshebeletso le balebedi ba menyako le dibini. Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Bana ba Iseraele, le bana ba Levi, ba tla tlisa nyehelo ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, ka dikamoreng tseo ho bolokelwang thepa ya Sehalalelo ka ho tsona, e leng moo baprista ba sebeletsang teng, le balebedi ba menyako, le dibini, ba dulang teng. “Ha e le rona, re ke ke ra furalla Tempele ya Modimo wa rona.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:39
12 Referencias Cruzadas  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;


Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.


Bakeng sa ntlo ya Jehova, Modimo wa rona, ke tla o batlela molemo.


O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;


O ba bolelle, o re: Etlare hobane le kgethe se molemo, boshome bo tla ballwa Balevi, jwaloka katleho ya seotlo, le jwaloka katleho ya sehatelo.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos