Nehemia 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng. Ver CapítuloBIBELE1 Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng. Ver Capítulo |
Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;