Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:38
11 Referencias Cruzadas  

Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


mohla le jang bohobe ba naha eo, le tle le hlahisetse Jehova kabelo.


Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.


O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos