Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:38 - BIBELE

38 Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:38
11 Referencias Cruzadas  

Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.


Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”


“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.


e tle ere ha le eja dijo tsa naha eo, le nyehelle Morena ka nyehelo e phahamiswang.


Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang.”


“Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.


Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.”


“Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos