Nehemia 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ka utlwa hape hobane Balevi ba ne ba sa ka ba newa dikabelo tsa bona, le hoba Balevi le dibini, ba etsang tshebeletso, ba ne ba thobetse e mong le e mong naheng ya hae. Ver CapítuloBIBELE10 Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo. Ver Capítulo |
Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.
Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.