Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:25
21 Referencias Cruzadas  

Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.


Yaba Esdrase o ema, a hlaphantsha dihlooho tsa baprista le tsa Balevi le tsa Baiseraele bohle, hore ba tle ba etse ka polelo eo; mme ba hlapanya.


Mang le mang ya sa etseng ka molao wa Modimo wa lona le ka molao wa morena, a ahlolwe kapele, kapa a bolawe, kapa a lelekwe, kapa ho jewe ntho tsa hae, kapa a hlahlelwe teronkong.


Yaba ke kgalemela mahosana, ka re: Ntlo ya Modimo e furalletsweng? Ka boela ka ba phutha, mme ka ba busetsa tulong tsa bona.


Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Bana ba bona, ka nqa e nngwe, ba ne ba bua puo ya Ashdode, ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda, ba bua puo ya setjhaba se itseng, kapa se itseng.


Ka udubatsa le sefuba sa seaparo sa ka, ka re: Modimo o ke o udubatse jwalo tlung ya hae le mosebetsing wa hae motho ka mong ya ke keng a phetha polelo ena; a fele a udubatswe jwalo, mme a tshollwe. Yaba phutheho kaofela e re: Ho be jwalo! Ba rorisa Jehova, mme setjhaba sa etsa ka polelo eo.


Eitse ha ke utlwa qoso eo le mantswe ao, ka halefa haholo.


Pelo ya ka e tshwarwa ke ho phophoma, ha ke bona ba babe ba tlohela molao wa hao.


Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;


mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.


Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;


Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos