O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.
Nehemia 12:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi. BIBELE Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao. |
O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.
Ke yona kopi ya lengolo leo morena Artakserksese a kileng a le nea Esdrase, moprista le mongodi, mongodi wa ditaelo tsa Jehova le wa melao ya hae e laetsweng Baiseraele.
E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
Jwale setjhaba kaofela sa phuthehela lepatlelong le pela monyako wa Metsi, jwaloka hoja ke motho a le mong, sa bolella Esdrase, mongodi, hore a tlise buka ya molao wa Moshe, oo Jehova a o laetseng Iseraele.
Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao.