Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke yona kopi ya lengolo leo morena Artakserksese a kileng a le nea Esdrase, moprista le mongodi, mongodi wa ditaelo tsa Jehova le wa melao ya hae e laetsweng Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:11
9 Referencias Cruzadas  

Ke yona kopi ya lengolo le rometsweng ke bona ho morena Artakserksese: Rona, bafo ba hao, ba mose o kwano ho noka, jwalojwalo.


Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.


Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.


Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.


Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


a re: Bangodi le bafarisi ba dutse ditulo tsa Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos