Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:12
15 Referencias Cruzadas  

Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


Ke yona kopi ya lengolo leo morena Artakserksese a kileng a le nea Esdrase, moprista le mongodi, mongodi wa ditaelo tsa Jehova le wa melao ya hae e laetsweng Baiseraele.


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?


Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.


Morena, ke wena morena wa marena, ya neilweng mmuso, borena, matla le kganya ke Modimo wa lehodimo;


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


eo ponahalo ya hae e tlang ho hlahiswa nakong ya teng ke eo e leng ya lehlohonolo, ya matla a nnotshi, Mmusi wa babusi le Morena wa marena;


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos