Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:13
11 Referencias Cruzadas  

mme ba rera tsena: ha thwe, tsebiso e ka kgona e fetisetswe naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beerseba ho isa Dane, ya hore setjhaba se tle Jerusalema ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane ka dilemo tse ngata tse itseng, e ne e sa ka ya etswa kamoo taba tsa yona di ngodilweng kateng.


Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.


Leha ho le jwalo, ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena wa Babilona, morena Siruse a laela hore ntlo ya Modimo e tsoswe.


Yaba morena Dariuse o laela hore ho batlwe tlung ya mangolo a borena, Babilona, moo ho bolokilweng matlotlo.


Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena. Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.


Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


o di beile hore di tle di be teng ka ho sa yeng kae le ka ho sa feleng; o di file melao, ha ho le e nngwe e e tlolang.


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos