Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:25
10 Referencias Cruzadas  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Dihlopha tseo tsa balebedi ba menyako, ka ho ya ka dihlooho tsa bona, tshebetso ya bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova hammoho le banababo bona.


Obed-Edomo yena a laolelwa ka nqa borwa; bara ba hae bona ba laolelwa matlo a ho bolokela dintho.


Ka nqa botjhabela, ho ne ho beilwe Balevi ba tsheletseng, ka nqa leboya ba le bane ka letsatsi le leng le le leng, ka nqa borwa ba le bane ka letsatsi, ba le babedi hape tlung e nngwe le e nngwe ya ho bolokela;


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Yaba se howa jwaloka tau, sa re: Morena, ke ntse ke eme motshehare wohle toreng, ke ntse ke tiisa ho lebela ka masiu wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos