Nehemia 12:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)27 Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa. Ver CapítuloBIBELE27 Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa. Ver Capítulo |
ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;
Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.
O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.