A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Nehemia 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele bana ba Benjamine, ba aha ho tloha Geba, le Mikmashe, le Aija, le Bethele le metseng ya teng, BIBELE Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona, |
A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.
le Sanowa, le Adullame le metseng ya teng, le Lakishe le masimong a teng le Aseka le metseng ya teng. Ba hloma ditente tsa bona ho tloha Beerseba, ho isa kgohlong ya Hinnome.
le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.
Moedi ha o tloha teng, o leba Luse; haufi le Luse ke Bethele, nqa borwa; moedi o ntoo theosetsa Atharoth-Addare, haufi le thaba e nqa borwa ho Bethe-Horone ya katlase.
Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba.
Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,
Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.