Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 11:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 le Sanowa, le Adullame le metseng ya teng, le Lakishe le masimong a teng le Aseka le metseng ya teng. Ba hloma ditente tsa bona ho tloha Beerseba, ho isa kgohlong ya Hinnome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 le Sanowa, le Adulame le metsaneng ya yona, le Lakishe le mathokong a yona, le Aseka le metsaneng ya yona. Ba ne ba ahile ho tloha Beeresheba, ho ya fihla kgohlong ya Honome.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 11:30
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Ke bona bao bara ba Ishmaele, ke ao mabitso a bona ka metse ya bona, le ka meaho ya bona, mahosana a leshome le metso e mmedi a ditjhaba tsa wona.


Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.


le Ene-Rimmone, le Tsorea, le Jarmuthe;


Haele bana ba Benjamine, ba aha ho tloha Geba, le Mikmashe, le Aija, le Bethele le metseng ya teng,


Monyako wa Sekgutlo wona wa lokiswa ke Hanune le ba ahileng Sanowa; ba o haha, mme ba kenya mamati a wona le dinotlolo le makwallo; ba etsa ditswe tse sekete tsa lerako, ho ya fihla monyakong wa Moitedi.


Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna, hobane o ne a utlwile hoba o tlohile Lakishe.


o tswele kgohlong ya mora Hinnome e pela monyako wa Mangeta, o bolele teng mantswe ao ke tla o bolella wona;


ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho ya tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba bitsa nqalo ena Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, ba mpa ba tla e bitsa kgohlo ya polao.


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Ke tla boela ke tlise ya jang lefa la hao, wena moahi wa Maresha (motse wa lefa); bao e leng kganya ya Iseraele ba tla balehela Adullame.


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:


e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame;


Lakishe, Botskathe, le Eglone;


Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.


Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos