La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.

Ver Capítulo

BIBELE

Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.

Ver Capítulo



Nehemia 11:17
15 Referencias Cruzadas  

Mefiboshethe o ba a na le mora e monyenyane, lebitso la hae e le Mika; bohle ba ahileng ha Tsiba e ne e le bahlanka ba Mefiboshethe.


Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


Ba ne ba na le Hemane le Jeduthune le Balevi ba bang ba kgethilweng, ba thontsweng ka mabitso a bona hore ba nne ba rorise Jehova; hobane mohau wa hae ke o sa feleng.


le Bakbakkare, Hereshe, Galale, le Matthania, mora Mikea, mora Sikri, mora Asafe;


Sakkure, Sherebia, Shebania,


le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.


Kaofela ha Balevi ba neng ba le motseng o halalelang ba ne ba etsa makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.


Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.


Yaba ke hlwesetsa dihlooho tsa Juda hodima lerako, ka bea dihlopha tse pedi tse kgolo tse binang, di eme ka ho koloka; se seng sa tsamaya hodima lerako nqa ho le letona, se lebile monyakong wa Moitedi;


hobane, mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho na le batsamaisi ba dibini le ba difela tsa ho rorisa le ho boka Modimo.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.