Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Kaofela ha Balevi ba neng ba le motseng o halalelang ba ne ba etsa makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 11:18
10 Referencias Cruzadas  

Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.


E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.


Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —


Eitse hobane ba tswe mabitleng, kamora tsoho ya hae, ba kena motseng o halalelang, mme ba ipontsha ho ba bangata.


Jwale, Diabolose a mo nkela motseng o halalelang, a mmea hlorong ya tempele,


Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos