Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 11:17 - BIBELE

17 Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 11:17
15 Referencias Cruzadas  

Mefiboshete o ne a ena le mora ya neng a sa le monyenyane, lebitso la hae e le Mmika. Bohle ba neng ba phela lapeng la Siba e ne e le bahlanka ba Mefiboshete.


Davida a kgetha ba bang ba Balevi ho sebeletsa kapele ho areka ya Morena, ho ipiletsa ho Morena, le ho leboha, le ho boka Morena Modimo wa Iseraele.


Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


le Bakabakare, le Hereshe, le Galale, le Mataneya, mora wa Mmika, setloholo sa Sikeri, setloholwana sa Asafo,


le Sakure, le Sherebiya, le Shebaniya,


Bo-Shabetai le Josabada, bao e neng e le dihlooho tsa Balevi, bona ba ne ba laola mesebetsi e etswang kantle ho Tempele.


Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.


Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako.


Jwale nna, Nehemia, ka hlwesetsa mahosana a Juda hodima lerako, ka kgetha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini ho leboha. Sehlopha se seng sa ya ka letsohong le letona la lerako, ho ya nqa Monyako wa Thotobolo.


Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos