La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Moeklesia 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba ke nahana pelong ya ka hore ke mpe ke thabise nama ya ka ka veine, leha pelo ya ka e ne e ka nna ya itsamaela ka hlalefo; ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tshwanetseng ho o etsa tlasa mahodimo, ka bongatanyana ba ditshiu tsa ho phela ha bona.

Ver Capítulo

BIBELE

Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.

Ver Capítulo



Moeklesia 2:3
22 Referencias Cruzadas  

Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;


le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Empa eitse ha ke sekamisetsa pelo ya ka tsebong ya hlalefo le tsebong ya bowatla le bothoto, ka lemoha hoba hoo ke mosebetsi o nyopileng;


Seboka se etsetswa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka ditjhelete ho fihlelwa tsohle.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a nne a je, a nwe, a batlele moya wa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tswa letsohong la Modimo.


Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng.


Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?


Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.


Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.


Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlasa letsatsi, haese ho ja le ho nwa le ho itumela; ke seo a se sietsweng bakeng sa mokgathala wa hae wa matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo o mo neileng wona tlasa letsatsi.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.


Morara wa re ho tsona: Nka tlohela jwang veine ya ka e thabisang Modimo le batho, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?


Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.