Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ka pelong ka labalabela ho batla tsebo, ho fuputsa le ho sibolla bohlale, ho fumana mabaka a boleng ba dintho; ho tseba ha bokgopo e le bothoto, bothoto bona e le bohlanya.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:25
17 Referencias Cruzadas  

Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.


Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.


Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.


Jwaloka ha ntja e boela mahlatseng a yona, lewatla le boela jwalo bowatleng ba lona.


Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.


Yaba ke furalla tseo ho nahana bohlale, le bowatla, le bothoto; hobane motho ya latelang morena a ka etsang, haese se entsweng ke yena?


Yaba ke re pelong ya ka: Kotsi e hlahetseng lewatla, le nna e tla ntlhahela; ha ho le jwalo, ho thusang, leha ke mo fetisa ka ho hlalefa? Ka ba ka re pelong ya ka: Hoo le hona ke lefeela.


Yaba ke lesela pelo ya ka ya tsherehana ke mokgathala wohle oo ke ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi;


Tadima sena seo ke se fumaneng, ho rialo Mmoledi, ha ke ne ke ntse ke nahana taba e nngwe le e nngwe, hore ke fihlele lebaka la yona.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios