Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba ke etsa mesebetsi e meholo; ka ikgahela matlo, ka itlhomela merara;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka iketsetsa mesebetsi e meholo, ka ikgahela matlo, ka itemela masimo a ka a morara.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 2:4
17 Referencias Cruzadas  

Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.


Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.


Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.


Eitse hobane Salomone a phethe ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le tsohle tseo Salomone a lakaditseng ho di etsa,


Mohlahlobi wa masimo a merara ya eba Shimei wa Rama; Sabdi wa Shefame ya eba mohlahlobi wa dipolokelo tsa veine masimong a merara.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Yaba Salomone o lata moradi wa Faro motseng wa Davida, a mo tlisa tlung eo a mo hahetseng yona, a re: Mosadi wa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, morena wa Iseraele, hobane dinqalo tseo areka ya Jehova e keneng ho tsona, di halalehile.


Ba lekanya hore matlo a bona a tla ba teng kamehla, le meaho ya bona e dule ho isa ditloholong le ditloholwaneng; e leng bao mabitso a bona a hlomphuwang lefatsheng.


Moratuwa wa me o ho nna jwaloka lesihla la kiprese merareng ya Ene-Gedi.


Meso ha e etla, re tla ya dirapeng tsa merara, re be re bone ha merara e mela, ha e se e fina masihla a yona, ha difate tsa kharanata di thuntse; teng ke tla o bontsha lerato la me.


Ke tla binela moratuwa wa ka sefela sa moratuwa wa ka, bakeng sa tshimo ya hae ya merara. Moratuwa wa ka o ne a na le tshimo ya merara leralleng le nonneng.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos