Moeklesia 2:3 - BIBELE3 Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Yaba ke nahana pelong ya ka hore ke mpe ke thabise nama ya ka ka veine, leha pelo ya ka e ne e ka nna ya itsamaela ka hlalefo; ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tshwanetseng ho o etsa tlasa mahodimo, ka bongatanyana ba ditshiu tsa ho phela ha bona. Ver Capítulo |