Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.
Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.
Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng.
Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?
Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.
Lerato la bona, le hloyo ya bona, le mohono wa bona, di se di timetse; ba ke ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi le ka mohla o le mong.
Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.
Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?
Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.