Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 hore le ikokobeletse ba jwalo, le ho e mong le e mong ya sebetsang le rona, ya sebetsang ka thata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 hore le ikokobeletse ba jwalo, le ho e mong le e mong ya sebetsang le rona, ya sebetsang ka thata.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:16
20 Referencias Cruzadas  

Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Molemo ke ofe oo motho a o bonang mokgathaleng wohle wa hae oo a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi?


Ntumedisetseng Trifene le Trifose, basadi ba sebeletsang Morena. Ntumedisetseng Persida, moratuwa wa rona; le yena o sebeditse haholo tshebeletsong ya Morena.


Ntumedisetseng Prisila le Akila, batlatsi ba ka ho Jesu Kreste;


Ntumedisetseng Maria, ya re sebeleditseng haholo.


Ntumedisetseng Urbane, motlatsi wa rona mosebetsing wa Kreste, le Stakise, moratuwa wa ka.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.


Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.


Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.


Re a le rapela, banabeso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang hara lona, ba le busang Moreneng, ba le kgothatsang.


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.


hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos