Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Bana beso, ke a le rapela: Le a tseba ba ntlo ya Setefanase hore ke dithakangwaha tsa Akaya, le hoba ba ikahetse tshebeletso ya bahalaledi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Bana beso, ke a le rapela: Le a tseba ba ntlo ya Setefanase hore ke dithakangwaha tsa Akaya, le hoba ba ikahetse tshebeletso ya bahalaledi;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:15
18 Referencias Cruzadas  

Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.


Haele jwale, ke ya Jerusalema, ho ya sebeletsa bahalaledi.


hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;


Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.


Ntumedisetseng le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epainete, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaea ho Kreste.


Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang.


Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.


Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi.


Haele ka thuso e etsetswang bahalaledi, ekaba ke a tlodisa ha nka le ngolla taba tsa yona;


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos