Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela jwalo; mme o ruang ka mokgathala wa hae wa lefeela?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea?

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 5:16
13 Referencias Cruzadas  

Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.


Molemo ke ofe oo motho a o bonang mokgathaleng wohle wa hae oo a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi?


Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.


Ya sebetsang o ruang ka mosebetsi oo a ikgathatsang ka wona?


Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;


Re ne re emotse, ra ba ra ba matswalong, empa pelehi ya rona e ntshitse moya feela. Poloko ya naha ha e a ka ya hlaha ka rona, mme ba neng ba ka aha lefatsheng ha ba ka ba hlaha.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Hobane motho leha a ka rua lefatshe lohle, mme a timellwa ke moya wa hae, etlaba o ruileng ka lona na?


Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.


Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.


Le se ke la kgeloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, hobane e le mafeela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos