11 Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;
11 Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo atlehisa batho ba ntseng ba phela.
Empa bohlale bo fumanwa kae? Kutlwisiso e dutse nqalong efe?
Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.
Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.
hobane kgwebo ya jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha kgauta.
Bo fetisa diperela ka bohlokwa, tsohle tse lakatsehang ha di lekane le bona.
Kannete lesedi le monate, mme, mahlo a rata ho bona letsatsi;
Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.
Se re: Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno? Leha o botsa taba e jwalo, hase potso e hlalefileng.