Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 hobane bohlale ke tshirelo, jwalokaha le yona tjhelete e le tshirelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phedisa ba bo ruileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Bohlale bo a sireletsa, tjhelete e a sireletsa; molemo o moholo wa tsebo ke ona: Ba ruileng, bohlale bo ba nea bophelo.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:12
25 Referencias Cruzadas  

Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.


masene a o lebele, kutlwisiso e o boloke;


O bolokela ba lokileng poloko, ke thebe ho ba tsamayang ka ho loka.


Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.


Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova.


Hobane ke ka nna ditshiu tsa hao di tla atiswa, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.


Seboka se etsetswa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka ditjhelete ho fihlelwa tsohle.


Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.


Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.


Ka ba ka re: Bohlale bo molemo ho ena le matla, leha bohlale ba mofutsana bo nyediswa, mme mantswe a hae a sa elwe hloko.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


ba theohelang Egepeta, ba eso ho botse molomo wa ka, ba tle ba balehele tshirelong ya Faro, ba itshirele ka moriti wa Egepeta.


E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.


Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.


Mme ke a tseba hobane taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng; mme jwale, seo ke se bolelang, ke se bolela jwalokaha Ntate a mpoleletse sona.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Hobane hase lentswe la lefeela leo le le beelwang, empa ke bophelo ba lona, mme ke ka lentswe lena le tla ngatafatsa matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos