Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;
O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.
ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi yohle ya Modimo motho a ka sitwa ho utlwisisa mosebetsi le o mong o etswang tlasa letsatsi; leha motho a ka ikgathatsa jwang le jwang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ya bohlale a ka re, o a tseba, a ke ke a utlwisisa.
Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;