La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mikea 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo

BIBELE

“Ke tla bontsha tjhaba sa ka, ke se bontshe dimakatso, ke se bontshe tsona sa mohla se tswang Egepeta.”

Ver Capítulo



Mikea 7:15
9 Referencias Cruzadas  

Morena o itse: Ke sa tla ba lata Bashane, ke ba late le bodibeng ba lewatle;


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.


Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.


Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?