Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.
Mikea 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ke tla timeletsa dipere tsa hao tse ho wena, ke fedise le makoloi a hao; BIBELE “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bolaya dipere tsa lona, ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa. |
Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.
Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.
Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.
Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.
Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.