Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Letsoho la hao le ke le phahamele bahlorisi ba hao, dira tsa hao kaofela di ke di fediswe!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Tsoho la hao le tla phahamela hodimo, le phahamele hodima ba o lwantshang, dira tsa hao tsohle di tla timetswa.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 5:9
15 Referencias Cruzadas  

Tsoha, Jehova! Oho Modimo, otlollela letsoho la hao hodimo. O se ke wa lebala ba madimabe!


Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,


Letsoho la hao le tla tshwara dira tsa hao kaofela; letsoho le letona la hao le tla fihlela ba o hloileng.


ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos