Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
Mattheu 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na? BIBELE Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o tsamaye?’ Baasraak Sotho NT Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye? |
Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.
Jesu ha a bona tumelo ya bona, a bolella ya omeletseng ditho, a re: Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.
Ke kahobane re dumetse lebitso la hae, lebitso la hae le tiisitseng motho eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho yena Jesu e mo fodisitse hantlentle pontsheng ya lona kaofela.
Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.