Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jesu, ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Motho, dibe tsa hao o di tshwaretswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha a bona tumelo ya bona, a re: “Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Eitse ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Eitse ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:20
16 Referencias Cruzadas  

La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.


Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.


Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.


Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na?


Jesu ha a bona tumelo ya bona, a bolella ya omeletseng ditho, a re: Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.


Yaba o re ho mosadi: O tshwaretswe dibe tsa hao.


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,


Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;


Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.


Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos