Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:
Mattheu 9:38 - Sesotho 1909/1961 (SO) Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae. BIBELE ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.” Baasraak Sotho NT Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. |
Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:
O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.
Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.
Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.
Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.
Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.
Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.
Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,
Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,