Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.
Mattheu 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, molaodi wa lekgolo a tla ho yena, a mo rapela, BIBELE Yare ha Jesu a kena Kaperenauma, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a tla ho yena, a mo rapela, Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela. |
Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.
Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!
a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
Molaodi wa lekgolo ya emeng moo, malebana le yena, eitse ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, hobane a meketse, a bolela, a re: Motho enwa e ne e le Mora wa Modimo ruri.
Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung.
Eitse ha ba mo tlamile ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le na le tokelo ya ho shapa motho wa Roma, a eso ho ahlolwe na?
Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.
Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.
Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.
Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha.
Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe,
Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.