Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:54 - Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

54 Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

54 Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

54 Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:54
22 Referencias Cruzadas  

Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


Ba ntoo dula, ba mo lebela moo.


Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, molaodi wa lekgolo a tla ho yena, a mo rapela,


Molaodi wa lekgolo ya emeng moo, malebana le yena, eitse ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, hobane a meketse, a bolela, a re: Motho enwa e ne e le Mora wa Modimo ruri.


Yaba bohle ba re: Na ke ho re, o Mora Modimo na? A re ho bona: Le a bolela; ke yena.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


A phakisa a tla le bahlabani le balaodi ba makgolo, a theohela ho bona; mme eitse ha ba bona molaodi wa sekete le bahlabani, ba lesa ho otla Pauluse.


Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.


Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.


Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.


Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe,


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos