Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 a re: Morena, mohlanka wa ka o rapaletse tlung; o omeletse ditho, mme o kula hampe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 a re: “Morena, mohlanka wa ka o diphateng ha ka, o shwele ditho, o opelwa habohlokohloko.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:6
12 Referencias Cruzadas  

Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Jesu a re ho yena: Ke tla ya, ke mo fodise.


Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.


Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena.


Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.


A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.


Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.


e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos