Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?
Mattheu 8:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona. BIBELE Yaba bohle ba motse ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona ba mo rapela hore a tswe naheng ya bona. Baasraak Sotho NT Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu; |
Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?
Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?
Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.
Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?
Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.
Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.
Ba tla, ba ba rapela, mme eitse hobane ba ba ntshetse ntle, ba ba kopa hore ba tlohe motseng.
Empa jwale, re ka shwelang? Athe mollo oo o moholo o ya re qeta. Ha re ka boela ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, re tla shwa.
Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?