Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Simone Petrose ha a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho nna; hobane ke monna wa moetsadibe, Jehova.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Simone Petrose ha a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho nna; hobane ke monna wa moetsadibe, Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:8
19 Referencias Cruzadas  

Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.


Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.


Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.


A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena.


Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Ebile banna ba Behte-Shemeshe ba re: Ho ka ema mang pela Jehova, Modimo oo o halalelang? Areka e tla ya ho mang, ha e tloha ho rona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos