Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:34 - BIBELE

34 Yaba bohle ba motse ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona ba mo rapela hore a tswe naheng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:34
13 Referencias Cruzadas  

Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”


Feela ba re ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!


bona ba itseng ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?’


Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!


Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Ba tla, ba inyatsa, ba ba ntsha tjhankaneng, ba nto ba kopa hore ba tlohe motseng.


Jwale ke hobaneng re tshwanelang ho shwa? Kganare ena ya mollo e tla re timetsa! Ha re ka nna ra utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona, ruri re tla shwa!


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos