La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 8:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!

Ver Capítulo

BIBELE

Barutuwa ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Morena, re pholose, re a timela!”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!

Ver Capítulo



Mattheu 8:25
11 Referencias Cruzadas  

Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?


Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.


Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.


Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.


A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.


Yaba ba atamela, ba mo tsosa borokong, ba re: Monghadi, Monghadi, re a timela! Empa yena hobane a tsohe, a kgalemela moya le maqhubu a metsi; mme a kgutsa, ha esa hantle.