Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:6
18 Referencias Cruzadas  

A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;


Enereha o ba bolaya, yaba hona ba o batlang, ba kgutlang, ba batla Modimo,


Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.


Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?


Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.


Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos