Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:5
22 Referencias Cruzadas  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae.


A bolela, mme a tsosa moya wa sefefo, o emisang maqhubu a lewatle.


mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;


nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng.


Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.


Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.


Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala.


Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.


Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.


Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.


Eitse hobane Delila a mo robatse mangoleng a hae, a bitsa motho, mme a beola thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya hae, mme a qala ho mo fokodisa, mme matla a hae a hla a mo tlohela.


Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos