Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...
Mattheu 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) E mong wa barutuwa a re ho yena: Morena, ntumelle, ke ye ho epela ntate pele. BIBELE Jwale e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.” Baasraak Sotho NT E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele. |
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...
E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.
Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.