Na dirobele tse pedi ha di rekwe ka peni e le nngwe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa wela fatshe, kantle ho Ntata lona.
Mattheu 5:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke a o bolella, ke re: O ke ke wa tswa teng o eso ho lefe tjheletana e horeletseng. BIBELE kannete ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile tjheletana ya ho qetela.” Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho wena: Ha o ka ke wa tswa teng ho hang, ho fihlela o lefile sente ya ho qetela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho wena: Ha o ka ke wa tswa teng ho hang, ho fihlela o lefile sente ya ho qetela. |
Na dirobele tse pedi ha di rekwe ka peni e le nngwe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa wela fatshe, kantle ho Ntata lona.
Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.
Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.
Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.
Yaba ho tla mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng, a nokela tjheletana tse pedi, tse bang farethine.
Jwale, ha o eya ho morena le eo le tsekisanang le yena, o phehelle ho fedisa taba le yena le sa le tseleng le yena, esere mohlomong a o hulela pela moahlodi, moahlodi yena a o neela mohlanka wa lekgotla, mme mohlanka a o kgarameletsa teronkong.
Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.
Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.