Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mme ntle ho tseo tsohle, mahareng a rona le lona ho beilwe sekoti se seholo, hore ba batlang ho fetela ho lona ba etswa mona ba sitwe; le ba ba tswang teng, ba ke ke ba tla ho rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme ntle ho tseo tsohle, mahareng a rona le lona ho beilwe sekoti se seholo, hore ba batlang ho fetela ho lona ba etswa mona ba sitwe; le ba ba tswang teng, ba ke ke ba tla ho rona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:26
15 Referencias Cruzadas  

Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Ke a o bolella, o ke ke wa tswa teng, o eso ho lefe le tjheletana e horeletseng.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Yaba o re: Ntate, ha ho le jwalo, ke a o rapela, o mo romele tlung ya ntate;


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.


Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos