Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Empa Abrahama a re: Ngwanaka, hopola hobane o amohetse tse molemo tsa hao bophelong ba hao;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Empa Abrahama a re: Ngwanaka, hopola hobane o amohetse tse molemo tsa hao bophelong ba hao;

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:25
25 Referencias Cruzadas  

Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Ba lekanya hore matlo a bona a tla ba teng kamehla, le meaho ya bona e dule ho isa ditloholong le ditloholwaneng; e leng bao mabitso a bona a hlomphuwang lefatsheng.


Mafura a rotola mahlo a bona, mehopolo ya pelo tsa bona e a itlhahisa.


Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.


Leoto la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le sehlotsa, e seng ho lahlelwa diheleng, mollong o sa timeng, o ena le maoto a mabedi;


Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;


Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.


Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.


Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le bone tshediso ya lona.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


Seroto sa hao, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe, di tla rohakwa;


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.


a mpa a ikgethela ho tshwenngwa le setjhaba sa Modimo, e seng ho thabela menate ya dibe e felang kapele;


Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos