Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
Mattheu 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho. BIBELE A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho. |
Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.
Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.
Kamora tseo, a tswa moo, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena: Ntatele!
A re ho e mong: Ntatele. Empa eo a re: Morena, ako ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.
A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa.
Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.
Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.
Ekaba ho tla thwe: Efela ha ke a ka ka le etsetsa boima, empa ke ne ke na le mano, mme ke le tshwere ka bohlale.