La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.

Ver Capítulo

BIBELE

setjhaba se neng se dutse lefifing se bone lesedi le leholo, mme ba neng ba dutse lefatsheng la lefu le lefifing ba tjhabetswe ke lesedi.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu.

Ver Capítulo



Mattheu 4:16
14 Referencias Cruzadas  

e leng naha e ntsho jwaloka bosiu, ya moriti wa lefu le moferefere, moo lesedi le tshwanang le lefifi.


A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.


Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.


ha o tla re thuhakanya dinaheng tsa diphokojwe, wa re apesa ka moriti wa lefu.


Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.


Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


hore e be lesedi le tla bonesa ditjhaba, le kganya ya Iseraele, setjhaba sa hao.